Mashala a mollo wa bophelo

Leesfragment
€2,99

Bophelo ke mollo o tukang, ka nako engwe o ka o

tjhesa, ka nako engwe o ka o futhumatsa. Le ho

Paballo Tsebe moradi wa Paulinah le Philemon

Tsebe, eo a neng a e na ledilemo tse leshome le metso e

tsheletseng, eo a neng a le molelele ka seemo, a le motsho

ka lebala, a le boreledi, meriri e le e melele, a kena sekolo se

phahameng, empa tsena tsohle ha dia tlosa masisapelo a

neng a phela ka hare ho ona, ditutumba le mafika a diphiri,

le di qeto tseo a ileng a dinka, lefifi la tjhankane le mahlasedi

a mollo oo o neng o tuka bophelong ba hae. Banna le basadi

ba ileng ba eba karolo ya bophelo ba hae, ba bang ba tlisitse

ditsikitlano tsa meno, ba hotelletsa lelakabe la mollo, ba

bang batlisa mashala fela.

pro-mbooks3 : libris