Thukulatshe

Leesfragment
€1,88

A short story collection by H. Scholtz, M. van Aswegen, F. Viljoen, M. Pienaar, D.N.J. Mophete, A. Khonseka

Ntata Kgopiso o tsamaya kae, bosiu ha bohle ba robetse? Kgopiso o mo sala morao mme o etsa tshibollo e makatsang hamorao.

Ha ntata Keabetswe a nwele ho tlola tekano, o lokolla lebanta la hae le sephara la sepolesa, ha bonolo mme a sasare ngwana ka lona. Keabetswe a ka etsang ha a motshaba haholo?

Sekola o a kgena ha tonki yabo e mo sokodisa, empa tonki ena e ntseng e le jwale ka maoba, e eba motshepuwa wa hae wa dinako tsohle ha a hlokomela hore ditaba tsa Motswalae wa morui le bophelo ba ditoropong ba fonofono, ha di mo tshware hantle.

Thabiso o etsa mekutu yohle ho bokelletsa tjhelete bakeng sa baesekele. Yaba ho tla hotjha ho hoholo, mme ho bonahala eka morero wa hae o a nyopa.

Lehlohonolo o hlokomela lephephana la ntatae-moholo la dijo, le boemelong ba koloi tsa baeti, tsatsi le le leng, mme o ithuta hore motho o lokela ho nahana pele a ka etselletsa le ho nahanela e mong hampe. Palesa ena o boetse o ithuta sekolong hore ho etsa serapana sa meroho ho bonolo. Le hore ke hobaneng ha Lerato a ile a tshoha nakong eo a neng a isetsa mosuwetsana Nthabeleng setshwantsho sa hae tafoleng, ebile a mo shebile ka mahlong.

Pokelletso ena ya dipale - kgutshwe, tseo diketsahalo tsa tsona di phethahallang naheng e phutholohileng, ke sengolwa se phahamisang maikutlo a batjha, mme se ba fa monyetla wa ho ithuta tsa lefatshe la bophelo leo ba bangata ba sa le tshepeng le hona ho tseba tsa lona.

pro-mbooks3 : libris